LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 32:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 A nka khauta matsohong a sona, ’me a e bōpa+ ka kofuto e betlang ’me a e etsa seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa sa namane.+ Eaba se qala ho re: “Enoa ke Molimo oa hao, Uena Iseraele, ea u eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.”+

  • Numere 15:39
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 39 ‘E tla ba mophetho o litjellane bakeng sa lōna, ’me le tla o bona ’me le hopole litaelo+ tsohle tsa Jehova ’me le li phethe, ’me le se ke la latela lipelo tsa lōna le mahlo a lōna,+ tseo le li latelang ka likamano tse litšila.+

  • Numere 25:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Basali ba bitsetsa sechaba mahlabelong a melimo ea bona,+ eaba sechaba se qala ho ja le ho inamela melimo ea bona.+

  • 1 Marena 21:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 A qala ho itšoara ka mokhoa o manyala haholo ka ho latela litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang,+ ho tšoana le sohle seo Baamore ba neng ba se entse, bao Jehova a ileng a ba leleka ka pel’a bara ba Iseraele.’”+

  • Ezekiele 14:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ka hona bua le bona ’me u re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Monna leha e le ofe oa ntlo ea Iseraele ea tlisang litšoantšo tsa hae tse rapeloang tse nyonyehang+ pelong ea hae le ea behang khopiso e bakang phoso ea hae ka pel’a sefahleho sa hae le ea tlang ho moprofeta, ’na, Jehova, ke tla mo araba tabeng ena ho ea ka litšoantšo tsa hae tse ngata tse rapeloang tse nyonyehang,+

  • Diketso 7:42
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 42 Kahoo Molimo a reteleha ’me a nehelana+ ka bona hore ba etsetse lekhotla la leholimo tšebeletso e halalelang, feela joalokaha ho ngoliloe bukeng ea baprofeta,+ ‘Hase ’na eo le ileng la nyehela liphofu le mahlabelo ho eena ka lilemo tse mashome a mane lefeelleng, na ha ho joalo, Lōna ba ntlo ea Iseraele?

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share