19 E ne e re ha moahloli a shoa ba retelehe ’me ba etse ka mokhoa o senyang ho feta bo-ntat’a bona ka ho latela melimo e meng ho e sebeletsa le ho e inamela.+ Ha baa ka ba ithiba liketsong tsa bona le boitšoarong ba bona bo manganga.+
28 U tla re ho bona, ‘Sena ke sechaba seo batho ba sona ba sa kang ba mamela lentsoe la Jehova Molimo oa sona,+ ’me ha sea ka sa amohela taeo.+ Botšepehi bo felile, ’me bo tlositsoe melomong ea sona.’+
27 liketso tsa hao tsa ho feba+ le lillo tsa hao,+ boitšoaro ba hao bo hlephileng ba botekatse. Ke bone lintho tsa hao tse nyonyehang holim ’a maralla, naheng.+ U malimabe, Uena Jerusalema! U ke ke ua hloeka+—ka mor’a nako e telele hakae?”+
51 “Banna ba manganga le ba sa bollang lipelong+ le litsebeng, kamehla le hanyetsa moea o halalelang; joalokaha baholo-holo ba lōna ba ile ba etsa, le lōna le etsa joalo.+