27 Ka sebele Jehova o tla le hasanya har’a lichaba,+ ’me ruri ho tla sala ba fokolang+ ka palo ho lōna lichabeng tseo Jehova a tla le lelekela ho tsona.
6 Ka selemo sa borobong sa Hoshea, morena oa Assyria a hapa Samaria+ ’me joale a isa Baiseraele kholehong+ Assyria ’me a etsa hore ba lule Hala le Habore nōkeng ea Gozane+ le metseng ea Bamede.+
11 Letsatsing leo Jehova o tla boela a fane ka letsoho la hae, ka lekhetlo la bobeli,+ bakeng sa ho fumana masala a batho ba hae ba setseng Assyria+ le Egepeta+ le Pathrose+ le Kushe+ le Elame+ le Shinare le Hamathe le lihlekehlekeng tsa leoatle.+