LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 32:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Etsoe Jehova o tla ahlola batho ba hae+

      ’Me o tla ikutloa a soabile ka bahlanka ba hae,+

      Hobane o tla bona hore setšehetso se nyametse

      ’Me ho teng feela ea se nang thuso le eo e seng oa bohlokoa.

  • Pesaleme 103:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Joalokaha ntate a bontša mohau ho bara ba hae,+

      Jehova o bontšitse mohau ho ba mo tšabang.+

  • Esaia 60:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Basele ba tla u hahela marako,+ marena a bona a u sebeletse;+ etsoe ke tla be ke u otlile khalefong ea ka,+ empa ka sebele kamohelong ea ka ke tla u hauhela.+

  • Hosea 11:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 “Nka fana ka uena joang, Uena Efraime?+ Nka nehelana ka uena joang, Uena Iseraele?+ Nka u beha joang joaloka Adma?+ Nka u beha joang joaloka Zeboime?+ Pelo ea ka e fetohile ka hare ho ’na;+ ka nako e tšoanang qenehelo ea ka e fetohile e chesang.

  • Luka 15:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Kahoo a ema ’me a ea ho ntat’ae. Ha a sa ntse a le hōle, ntat’ae a re heli! ’me a mo bona ’me a susumetsoa ke khauho, eaba oa matha o itihela molaleng oa hae ’me o mo aka ka lerato.

  • Jakobo 5:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Bonang! Re phatlalatsa hore ba mameletseng+ ba thabile. Le utloile ka mamello ea Jobo+ ’me le bone phello eo Jehova a ileng a fana+ ka eona, hore Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share