LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Esaia 34:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 E ke ke ea tima bosiu kapa motšehare; mosi oa eona o tla nyoloha ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ E tla omella ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong;+ ho ke ke ha e-ba le ea fetang ho eona ka ho sa feleng le kamehla.+

  • Jeremia 49:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ka hona, utloang morero oa Jehova oo a o rerileng khahlanong le Edomo,+ le menahano ea hae eo a e nahanneng khahlanong le baahi ba Temane: Ka sebele tse nyenyane mohlapeng li tla hulanngoa. Ka sebele ka lebaka la bona o tla etsa hore sebaka sa bona sa bolulo e be lesupi.+

  • Ezekiele 25:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ke tla boela ke otlolle letsoho khahlanong le Edomo+ ke felise ho eona motho le liphoofolo tse ruuoang,+ ke tla e etsa sebaka se ripitliloeng ho tloha Temane,+ le ho ea Dedane.+ Ba tla oa ka sabole.

  • Ezekiele 35:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 U tla re ho eona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bona, ke khahlanong le uena, sebaka se lithaba sa Seire,+ ke tla otlolla letsoho la ka khahlanong le uena+ ke u etse lesupi, esita le tšenyeho.+

  • Joele 3:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Ha e le Egepeta, e tla fetoha lesupi;+ ha e le Edomo, e tla fetoha lefeella la lesupi,+ ka lebaka la pefo ho bara ba Juda, bao naheng ea bona ba tšolotseng mali a ba hlokang molato.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share