Luka 11:9 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 9 Ka lebaka leo ke re ho lōna, Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle,+ ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa. Johanne 14:13 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 13 Hape, eng kapa eng eo le e kōpang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, e le hore Ntate a ka tlotlisoa ka Mora.+ Jakobo 1:5 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 5 Kahoo, haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo,+ hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise;+ ’me o tla bo fuoa.+ 1 Johanne 3:22 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 22 eng kapa eng eo re e kōpang re e amohela ho eena,+ hobane re boloka litaelo tsa hae ’me re etsa lintho tse khahlisang mahlong a hae.+
9 Ka lebaka leo ke re ho lōna, Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle,+ ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa.
13 Hape, eng kapa eng eo le e kōpang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, e le hore Ntate a ka tlotlisoa ka Mora.+
5 Kahoo, haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo,+ hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise;+ ’me o tla bo fuoa.+
22 eng kapa eng eo re e kōpang re e amohela ho eena,+ hobane re boloka litaelo tsa hae ’me re etsa lintho tse khahlisang mahlong a hae.+