-
Pesaleme 22:1-31Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
22 Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?+
Ke hobane’ng ha u le hōle le ho mpholosa,+
U le hōle le mantsoe a ho lumaela ha ka?+
5 Ba ile ba hoeletsa ho uena,+ eaba baa pholoha;+
Ba ile ba u tšepa, ’me ha baa ka ba hlajoa ke lihlong.+
7 Ha e le bohle ba mponang, ba mphetola litšeho;+
Ba ntse ba ahlamisa melomo, ba ntse ba sisinya lihlooho:+
9 Etsoe ke Uena ea neng a nkhula ka mpeng,+
Ea neng a etsa hore ke be le tšepo ha ke ntse ke le matsoeleng a ’Mè.+
14 Ke tšolotsoe joaloka metsi,+
Masapo ’ohle a ka a arohantsoe.+
Pelo ea ka e joaloka boka ba linotši;+
E qhibilihetse tlaase lithong tsa ka tse ka hare.+
15 Matla a ka a omeletse feela joaloka lengeta,
Le leleme la ka le khomaretsoa mareneneng a ka;+
U mpeha lerōleng la lefu.+
16 Etsoe lintja li mpota-potile;+
Phutheho ea baetsi ba bobe e nteetse hare.+
Ba matsohong a ka le maotong a ka joaloka tau.+
20 U lopolle moea oa ka saboleng,+
Oona feela oa ka ho tsoa marōng a ntja;+
U arabe ’me u mpholose linakeng tsa lipoho tse hlaha.+
23 Lōna ba tšabang Jehova, mo roriseng!+
Lōna bohle peō ea Jakobo, mo tlotliseng!+
Le mo tšabe, lōna bohle peō ea Iseraele.+
Kapa a nyonya mahloreho a ea hlorileng;+
Ha aa mo patela sefahleho sa hae,+
O ile a utloa ha a hoeletsa ho kōpa thuso ho eena.+
25 Ho tsoa ho uena thoriso ea ka e tla ba phuthehong e khōlō;+
Ke tla phetha boitlamo ba ka ka pel’a ba u tšabang.+
26 Ba bonolo ba tla ja ’me ba khore;+
Ba mo batlang ba tla rorisa Jehova.+
E se eka lipelo tsa lōna li ka phela ka ho sa feleng.+
27 Lipheletso tsohle tsa lefatše li tla hopola ’me li khutlele ho Jehova.+
Malapa ’ohle a lichaba a tla inama ka pel’a hao.+
-
-
Esaia 53:1-12Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
53 Ke mang ea behileng tumelo nthong eo re e utloileng?+ Ha e le letsoho la Jehova,+ le senoletsoe mang?+ 2 O tla hlaha joaloka lekala+ ka pel’a e mong, le joaloka motso naheng e se nang metsi. Ha a na sebōpeho se nang le seriti, leha e le bokhabane;+ ’me ha re mo bona, ha a na ponahalo e tla etsa hore re mo labalabele.+
3 O ile a nyelisoa ’me a qojoa ke batho,+ motho ea reretsoeng bohloko le ho tloaelana le boloetse.+ E ne eka re pateloa sefahleho sa hae.+ O ile a nyelisoa, ’me ra mo nka e se oa bohlokoa.+ 4 Kannete o ile a jara maloetse a rōna;+ ’me ha e le bohloko ba rōna, o ile a bo jara.+ Empa ra lekanya hore oa otloa,+ o hlokofatsoa ke Molimo+ ’me oa hlorisoa.+ 5 Empa o ne a hlajoa+ ka lebaka la litlōlo tsa rōna;+ o ne a hatelloa ka lebaka la liphoso tsa rōna.+ Chapo e reretsoeng hore re be le khotso e bile holim ’a hae,+ ’me re fumane pholiso+ ka lebaka la maqeba a hae.+ 6 Re lelerile kaofela joaloka linku;+ e mong le e mong oa rōna o ile a leba tseleng ea hae; ’me Jehova o entse hore phoso ea rōna e tobane le eena.+ 7 O ile a ba tsietsing,+ ’me a itumella hore a hlorisoe;+ leha ho le joalo o ne a sa ahlamise molomo. O ne a tlisoa joaloka nku tlhabong;+ ’me joaloka nku e tšehali e fetohileng semumu ka pel’a bakuti ba eona, le eena o ne a sa ahlamise molomo.+
8 O ile a tlosoa ka lebaka la thibelo le kahlolo;+ ’me ke mang ea tla nahanisisa ka lintlha tse qaqileng tsa moloko oa hae?+ Etsoe o ile a tlosoa+ naheng ea ba phelang.+ O ile a fumana chapo+ ka lebaka la tlōlo+ ea sechaba sa ka. 9 O tla etsa sebaka sa hae sa lepato hammoho le ba khopo,+ le sehlopha sa barui lefung la hae,+ ho sa tsotellehe hore o ne a sa etsa pefo+ ’me ho se na thetso molomong oa hae.+
10 Empa Jehova o ile a thabela ho mo sithabetsa;+ o ile a mo kulisa.+ Haeba u tla beha moea oa hae e le nyehelo+ ea molato, o tla bona bana ba hae,+ o tla lelefatsa matsatsi a hae,+ ’me se thabeloang+ ke Jehova se tla atleha letsohong la hae.+ 11 Ka lebaka la khathatso ea moea oa hae o tla bona,+ a khotsofale.+ Ka lebaka la tsebo ea hae ea lokileng, mohlanka oa ka,+ o tla tlisa boemo bo lokileng ho batho ba bangata; ’me o tla jara liphoso tsa bona.+ 12 Ka lebaka leo ke tla mo fa kabelo har’a ba bangata,+ ’me thepa ea hae e hapuoeng o tla e arolelana le ba matla,+ ka lebaka la hore o tšolotse moea oa hae lefung,+ ’me o ile a balelloa le batlōli;+ o jere libe tsa batho ba bangata,+ ’me a kena lipakeng bakeng sa batlōli.+
-