21 Jesu a re ho eena: “Haeba u batla ho phethahala, e-ea u rekise lintho tsa hao u fe mafutsana ’me u tla ba le letlotlo leholimong,+ u tle ’me u be molateli oa ka.”+
22 Ka mor’a ho utloa seo, Jesu a re ho eena: “Ho sa ntse ho haella ntho e le ’ngoe ho uena: Rekisa lintho tsohle tseo u nang le tsona ’me u abele mafutsana, ’me u tla ba le letlotlo maholimong; u tle ’me u be molateli oa ka.”+
45 ’me ba qala ho rekisa matlotlo+ le thepa ea bona ’me ba abela bohle chelete eohle ea tse rekisitsoeng, hantle feela kamoo mang kapa mang a neng a hloka+ kateng.
34 Ha e le hantle, ho ne ho se ea hlokang har’a bona;+ etsoe bohle ba neng ba e-na le masimo kapa matlo ba ne ba a rekisa ebe ba tlisa chelete ea lintho tse rekisitsoeng