11 Leha ho le joalo ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona.+ Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke,+ empa le halalelitsoe,+ empa ho boletsoe hore le lokile ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste+ le ka moea oa Molimo oa rōna.
5 e se ka lebaka la mesebetsi+ ea ho loka eo re neng re e entse,+ empa ho ea ka mohau+ oa hae, o ile a re pholosa ka ho hlatsoa+ ho ileng ha re tlisa bophelong le ka ho re etsa ba bacha ka moea o halalelang.+
22 a re atameleng ka lipelo tsa ’nete ka kholiseho e feletseng ea tumelo, kaha lipelo tsa rōna li fafalitsoe hore li tlohe letsoalong+ le khopo le ’mele ea rōna e hlatsoitsoe ka metsi+ a hloekileng.
7 Leha ho le joalo, haeba re tsamaea leseling joalokaha eena a le leseling,+ re fela re abelana,+ ’me mali+ a Mora oa hae Jesu a re hloekisa+ sebeng sohle.+