-
Diketso 21:24Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
24 Nka banna bana u tsamaee le bona+ ’me u itlhoekise hammoho le bona ka mokhoa o laetsoeng ’me u lefelle litšenyehelo tsa bona,+ e le hore ba ka beoloa+ lihlooho. Kahoo e mong le e mong o tla tseba hore ha ho letho litabeng tsa bo-bare tseo ba ileng ba li bolelloa ka uena, empa hore u tsamaea ka ho laolehileng, u boetse u boloka Molao.+
-
-
Diketso 21:26Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
26 Joale Pauluse a nka banna bao a tsamaea le bona letsatsing le hlahlamang ’me a itlhoekisa hammoho le bona ka mokhoa o laetsoeng+ eaba o kena ka tempeleng, ho fana ka tsebiso ea matsatsi a tla nkoa+ bakeng sa ho itlhoekisa ka mokhoa o laetsoeng, ho fihlela ho ka nehelanoa ka nyehelo+ bakeng sa e mong le e mong oa bona.+
-