11 Etsoe ha ho mohla mofutsana a tla ba sieo har’a naha.+ Ke ka lebaka leo ke le laelang, ke re, ‘Ka seatla se bulehileng le fuparolle liatla tsa lōna bakeng sa mor’abo lōna ea hlorisoang le ea futsanehileng naheng ea habo lōna.’+
5 Joale mosali eo ka sebele e leng mohlolohali ’me a setse a le lesitsi+ o behile tšepo ea hae ho Molimo+ ’me o phehella lithapeling le lithapelong bosiu le motšehare.+
27 Mofuta oa borapeli o hloekileng+ le o sa silafalang+ ponong ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona: ho hlokomela likhutsana+ le bahlolohali+ matšoenyehong+ a bona, le hore motho a ipoloke a se na letheba+ lefatšeng.+