45 Ba tšepahalang ba neng ba tlile le Petrose bao e neng e le ba ba bolotseng ba makala, hobane mpho e sa lefelloeng ea moea o halalelang e ne e ntse e tšolleloa le holim ’a batho ba lichaba.+
7 Ke bile mosebeletsi+ oa sena ho ea ka mpho e sa lefelloeng ea mosa o sa tšoanelang oa Molimo oo ke ileng ka o fuoa ho ea ka tsela eo matla a hae a sebetsang ka eona.
17 Mpho+ e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo,+ kaha e theoha ho Ntate oa maseli+ a leholimo, ’me ho eena ha ho phetoho ea ho reteleha ha moriti.+