-
Exoda 29:16-18Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
16 O e hlabe mme o nke madi a yona o a fafatse mahlakoreng ohle a aletare.+ 17 O sehe ramo eo dikotwana mme o hlatswe mala+ a yona le ditlhakwana tsa yona mme o behe dikotwana tsa yona ha mmoho, o di behe le hlooho ya yona. 18 O tjhese ramo eo kaofela o etse hore e kubelle hodima aletare. Ke nyehelo ya setjheso ya Jehova mme monko wa yona o monate*+ ho yena. Ke nyehelo e tjhesetswang Jehova.
-
-
Levitike 8:18-21Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
18 A atametsa ramo ya nyehelo ya setjheso mme Arone le bara ba hae ba beha matsoho hloohong ya yona.+ 19 Moshe a e hlaba mme a fafatsa madi mahlakoreng ohle a aletare. 20 A kgabela ramo dikotwana mme a etsa hore hlooho, dikotwana le mafura a potolohileng diphio* di kubelle. 21 Moshe a hlatswa mala le ditlhakwana ka metsi mme a etsa hore ramo kaofela e kubelle aletareng. E ne e le nyehelo ya setjheso e monko o monate.* E ne e le nyehelo e tjhesetswang Jehova feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.
-
-
Levitike 9:12-14Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
12 Arone a hlaba phoofolo ya nyehelo ya setjheso yaba bara ba hae ba mo fa madi a yona mme a a fafatsa mahlakoreng ohle a aletare.+ 13 Ba mo fa nama ya nyehelo eo le hlooho ya yona mme a di tjhesetsa aletareng hore di kubelle. 14 A hlatswa mala le ditlhakwana mme a di tjhesetsa aletareng le nyehelo ya setjheso e le hore di kubelle.
-