-
Numere 15:2-4Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
2 “Bua le Baiseraele mme o re ho bona, ‘Qetellong ha le fihla naheng eo ke le fang yona hore le dule ho yona,+ 3 le etsetse Jehova nyehelo ka mollo ho tswa mohlapeng wa diphoofolo tse kgolo kapa ho tswa mohlapeng wa dinku le dipodi e le hore le etsetse Jehova monko o monate.*+ Ebang ke nyehelo ya setjheso,+ sehlabelo bakeng sa ho phetha boitlamo bo kgethehileng, nyehelo ya boithaopo+ kapa nyehelo nakong ya mekete ya lona eo le e etsang ka dinako tse itseng,+ 4 ya tlisang nyehelo ya hae a boele a tlisetse Jehova nyehelo ya dijo,* e leng dilithara tse pedi* tsa phofo e sitsweng hantle,+ e kopantsweng le lithara e le nngwe* ya oli.
-