-
Exoda 29:1-3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
29 Sena ke seo o tla se etsa ho ba halaletsa hore ba sebeletse e le baprista ba ka: Nka pohwana, diramo tse pedi tse phetseng hantle,+ 2 bohobe bo se nang tomoso, mahobe a sedikadikwe a lesoba hare a se nang tomoso a kopantsweng le oli le diphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsweng ka oli.+ O di etse ka phofo e sitsweng hantle ya koro. 3 O di kenye ka basketeng+ ebe o di tlisa le poho le diramo tse pedi.
-
-
Levitike 6:14, 15Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
14 Ona ke molao wa nyehelo ya dijo:*+ Lona bara ba Arone le lokela ho e hlahisa ka pela Jehova ka pela aletare. 15 E mong wa bona a nke phofo e sitsweng hantle, e tletseng seatla ya nyehelo ya dijo le oli e nngwe ya yona le dibano tsohle tse tshweu tse hodima nyehelo ya dijo. A etse hore di kubelle hodima aletare e le monko o monate* o emelang nyehelo yohle* ho Jehova.+
-
-
Numere 7:13Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
13 Nyehelo ya hae e ne e le sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo,* le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798* ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.*+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+
-