16 Kora+ mora wa Izehare,+ mora wa Kohathe,+ mora wa Levi,+ a ema ha mmoho le Dathane le Abirame bara ba Eliabe+ le One mora wa Pelethe, wa bara ba Rubene.+ 2 Ba hanyetsa Moshe, ba ena le banna ba 250 ba Baiseraele, dikgosana tsa setjhaba, ba kgethilweng hara phutheho, banna ba tsebahalang.