-
2 Dikronike 2:4Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
4 Ke haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Modimo wa ka hore ke nehelane* ka yona ho yena. Ke moo ho tla tjhesetswa dibano tse nkgang ha monate+ ka pela hae le moo ho tla behwa bohobe*+ le moo ho tla etsetswa dinyehelo tsa setjheso teng hoseng le mantsiboya,+ ka disabatha,+ ha kgwedi e qala+ le ka dinako tsa mokete+ tsa Jehova Modimo wa rona. Ena ke ntho eo Baiseraele ba lokelang ho dula ba e etsa.
-
-
Nehemia 10:32, 33Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
32 Hape, e mong le e mong wa rona a itlama ka boikarabelo ba hore o tla fana ka dikramo tse ka bang nne tsa silevera* selemo le selemo bakeng sa tshebeletso ya ntlo* ya Modimo wa rona,+ 33 bakeng sa bohobe,*+ nyehelo ya dijo* ya ka mehla,+ nyehelo ya setjheso ya ka mehla ya Disabatha+ le ya ha dikgwedi di qala+ le bakeng sa mekete e ketekwang ka nako e itseng,+ bakeng sa dintho tse halalelang, bakeng sa dinyehelo tsa dibe+ e le ho kwahela dibe tsa Iseraele le bakeng sa mosebetsi wohle wa ntlo ya Modimo wa rona.
-