16 Le bale matsatsi a 50+ ho fihlela letsatsing la ka mora Sabatha ya bosupa mme ka mora moo, le hlahisetse Jehova nyehelo ya dijo tse sa tswa kotulwa.+
21 Letsatsing lena le phatlalatse+ hore ke kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima. Ke taelo e tla dula e le teng dibakeng tsohle tseo le dulang ho tsona bakeng sa meloko yohle ya lona.