-
Levitike 23:27-31Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
27 “Le ha ho le jwalo, ka letsatsi la leshome kgweding ena ya bosupa ke Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe.+ Le be le kopano e halalelang, le bontshe hore le utlwile bohloko*+ mme le hlahise nyehelo e tjhesetswang Jehova. 28 Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe letsatsing lena hobane ke letsatsi leo moprista a le etsetsang sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe+ ka pela Jehova Modimo wa lona. 29 Mang kapa mang ya ke keng a bontsha hore o utlwile bohloko* letsatsing lena, a bolawe setjhabeng sa habo.+ 30 Ke tla bolaya motho e mong le e mong ya etsang mosebetsi le ha e le ofe ka letsatsi lena. 31 Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe. Ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa meloko yohle ya lona hohle moo le dulang teng.
-