LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 23:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Hape le keteke Mokete wa Kotulo* ya dihlahiswa tsa pele tse butswitseng tsa mesebetsi ya lona, tsa seo le se jetseng masimong.+ Ha selemo se fela le keteke Mokete wa ho Bokella,* ha le bokella dintho tseo le di jetseng masimong.+

  • Levitike 23:34-36
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 34 “Bolella Baiseraele ho re, ‘Ka letsatsi la bo15 kgweding ena ya bosupa ke Mokete wa Maphephe* wa Jehova ka matsatsi a supileng.+ 35 Ka letsatsi la pele ke kopano e halalelang ka hoo le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima. 36 Le hlahise nyehelo e tjhesetswang Jehova ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la borobedi, le be le kopano e halalelang+ mme le hlahise nyehelo e tjhesetswang Jehova. Ke seboka se hlomphehang. Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima.

  • Deuteronoma 16:13-15
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Le keteke Mokete wa Maphephe*+ ka matsatsi a supileng ha le bokella dintho tse tswang seotlong sa lona le sehatelong sa lona sa oli le sa veine. 14 Le thabe nakong ya mokete wa lona,+ lona le bara ba lona, baradi ba lona, makgoba a lona a banna le a basadi, Balevi, baditjhaba, dikgutsana* le bahlolohadi ba ka hara metse ya lona. 15 Le keteke mokete wa Jehova Modimo wa lona ka matsatsi a supileng+ sebakeng seo Jehova a se kgethang hobane Jehova Modimo wa lona o tla hlohonolofatsa dihlahiswa tsohle tsa lona le dintho tsohle tseo le di etsang+ mme le tla thaba.+

  • Nehemia 8:14-18
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Jwale ba fumana ho ngotswe Molaong oo Jehova a neng a fane ka wona a sebedisa Moshe hore ka kgwedi ya bosupa+ Baiseraele ba lokela ho dula maphepheng* nakong ya mokete 15 le hore ba phatlalatse+ mme ba tsebise batho metseng yohle ya bona le Jerusalema yohle ba re: “Eyang sebakeng se dithaba mme le tlise makala a nang le makgasi a tswang difateng tsa mohlwaare, tsa phaena, tsa mirte le tsa palema le makala a nang le makgasi a tswang difateng tse ding e le hore le etse maphephe ho ya ka se ngotsweng.”

      16 Batho ba tswa mme ba tla le makala ao hore ba iketsetse maphephe, e mong le e mong hodima marulelo a hae ha mmoho le mabaleng a bona, mabaleng a ntlo ya Modimo wa nnete,+ lebaleng la Keiti ya Metsi+ le la Keiti ya Efraime.+ 17 Ka hoo, phutheho yohle ya ba neng ba kgutlile botlamuweng ya etsa maphephe mme ya dula ho ona etswe Baiseraele ba ne ba sa ka ba etsa seo ka tsela ena ho tloha mehleng ya Joshua+ mora wa Nune ho fihlela letsatsing leo mme batho ba ile ba thaba haholo.+ 18 Letsatsi le letsatsi ho ne ho balwa buka ya Molao wa Modimo wa nnete,+ ho tloha ka letsatsi la pele ho fihlela ka letsatsi la ho qetela. Ba ile ba etsa mokete ka matsatsi a supileng mme ho ya ka Molao, ka letsatsi la borobedi ho ile ha eba le seboka se hlomphehang.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share