-
Numere 28:3-8Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
3 O re ho bona, ‘Ena ke nyehelo e tjheswang ka mollo eo le tla e nyehela ho Jehova: Ka letsatsi le tlise dikonyana tse pedi tse tona tse phetseng hantle tse nang le selemo e le nyehelo ya setjheso ya ka mehla.+ 4 Le fane ka konyana e nngwe e tona hoseng mme konyana e nngwe e tona le tla fana ka yona ha letsatsi le dikela.*+ 5 Le fane le ka dilithara tse pedi* tsa phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le lithara* ya oli e tutsweng e le nyehelo ya dijo.*+ 6 Ke nyehelo ya setjheso ya ka mehla,+ e thehilweng Thabeng ya Sinai e le monko o monate,* nyehelo e etseditsweng Jehova ka mollo. 7 Konyana ka nngwe e tona e tsamaye le nyehelo ya yona ya seno e etsang lithara.*+ Le tshollele seno se tahang sebakeng se halalelang e le nyehelo ya seno ho Jehova. 8 Le tla fana ka konyana e nngwe e tona ha letsatsi le dikela.* Le tla fana ka yona e le nyehelo e tjhesetswang Jehova e monko o monate,* e ena le dinyehelo tse tshwanang le tse etswang hoseng e leng nyehelo ya dijo* le nyehelo ya seno.+
-