-
Numere 4:24-26Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
24 Dintho tsena ke tseo malapa a Bagershone a abetsweng ho di hlokomela le ho di jara:+ 25 Ba jare masela a tente a tabernakele,+ lesela la tente ya pokano, lesela la tente le entsweng ka matlalo a diqibi* le lesela la tente le ka tlasa lona.+ Hape ba jare kgaretene ya monyako wa tente ya pokano,+ 26 masela a lepeletseng a lebala,+ kgaretene ya monyako wa keiti ya lebala+ le potolohileng tabernakele le aletare, dithapo tsa tsona tsa tente le disebediswa tsohle tsa tsona le dintho tsohle tse sebediswang tshebeletsong ya yona. Ona ke mosebetsi wa bona.
-