-
Exoda 23:31-33Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
31 Ke tla beha moedi wa lona ho tloha Lewatleng le Lefubedu ho ya lewatleng la Bafilista le ho tloha lefeelleng ho ya Nokeng*+ hobane ke tla etsa hore le hlole ditjhaba tseo mme le tla di leleka ka pela lona.+ 32 Le se ke la etsa tumellano le tsona kapa le medimo ya tsona.+ 33 Ha ba a lokela ho dula naheng ya lona e le hore ba se ke ba etsa hore le ntshitelwe. Haeba le sebeletsa medimo ya bona, dintho di ke ke tsa le tsamaela hantle.”*+
-
-
Deuteronoma 7:3, 4Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
3 Le se ke la etsa selekane le ha e le sefe sa lenyalo* le ditjhaba tseo. Le se ke la fana ka baradi ba lona hore ba nyalwe ke bara ba tsona kapa hore bara ba lona ba nyale baradi ba tsona.+ 4 Ka ha ba tla kgelosa bana ba lona hore ba se ke ba ntatela mme ba sebeletse medimo e meng,+ Jehova o tla le halefela haholo mme o tla le fedisa ka potlako.+
-
-
Joshua 23:12, 13Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
12 Empa haeba le ka furalla Modimo la kgomarela ditjhaba tsena tse setseng+ le lona la ba la nyallana+ le tsona le ho itswakanya le tsona, 13 le tsebe hore Jehova Modimo wa lona a ke ke a tswela pele ho leleka ditjhaba tsena bakeng sa lona.+ Ditjhaba tsena e tla ba sefi le leraba le sephadi se le otlang ka mahlakoreng+ mme e be meutlwa ka mahlong a lona ho fihlela le fedisitswe naheng ena e ntle eo Jehova Modimo wa lona a le fileng yona.
-
-
Baahlodi 2:2, 3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
2 Le lona le se ke la etsa selekane le baahi ba naha ena+ mme le dihe dialetare tsa bona.’+ Empa ha le a mamela lentswe la ka.+ Ke hobaneng ha le entse tjee? 3 Ke ka lebaka leo ke ileng ka boela ka re, ‘Nke ke ka ba leleka ka pela lona,+ e tla ba leraba ho lona+ mme le tla lekeha hore le rapele medimo ya bona.’”+
-