-
Deuteronoma 4:41-43Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
41 Ka nako eo, Moshe a kgetha metse e meraro ka lehlakoreng le ka botjhabela la Jordane.+ 42 Haeba motho a bolaya e mong a sa ikemisetsa ebile a ne a sa mo hloya,+ o lokela ho balehela ho e meng ya metse ena e le hore a nne a phele.+ 43 Bakeng sa Barubene ke motse wa Bezere+ o lefeelleng la sehlaba, bakeng sa Bagade ke motse wa Ramothe+ o Gileade mme bakeng sa Bamanase+ ke motse wa Golane+ o Bashane.
-