17 Modimo a araba thapelo ya Lea yaba o a ima mme ha nako e fihla a tswalla Jakobo mora wa bohlano. 18 Lea a re: “Modimo o mphile moputso wa ka hobane ke file monna wa ka mosebeletsi wa ka.” A mo reha Isakare.*+
5 Leloko la Isakare le hlome ditente pela hae. Kgosana ya bara ba Isakare ke Nethaniele+ mora wa Zuare. 6 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 54 400.+