LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Genese 41:51, 52
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 51 Josefa a reha mora wa hae wa letsibolo Manase*+ hobane o ile a re: “Modimo o ntebaditse mathata ohle a ka le ntlo ya Ntate.” 52 Mora wa bobedi a mo reha Efraime*+ hobane o ile a re: “Modimo o mphile bana naheng ya matshwenyeho a ka.”+

  • Genese 46:20
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 20 Asnathe+ moradi wa Potifera moprista wa One* o ile a tswalla Josefa bara, e leng Manase+ le Efraime+ naheng ya Egepeta.

  • Genese 48:17-19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 Ha Josefa a bona hore ntate wa hae o ntse a behile letsoho le letona hloohong ya Efraime, a se ke a thabela seo yaba o leka ho tlosa letsoho la ntate wa hae hloohong ya Efraime ho le isa hloohong ya Manase. 18 Josefa a re ho ntate wa hae: “Ntate o etsa phoso, letsibolo ke Manase.+ Beha letsoho la hao le letona hloohong ya hae.” 19 Ntate wa hae a nna a hana a re: “Ke a tseba mora wa ka, ke a tseba. Le yena e tla ba setjhaba mme le yena o tla ba moholo. Empa ngwanabo e monyenyane o tla ba moholo ho yena+ mme bana* ba hae ba tla lekana le ditjhaba.”+

  • Numere 2:18, 19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 Sehlopha sa maloko a mararo sa ditente tsa Efraime se be ka bophirimela ho ya ka dihlopha tsa sona.* Kgosana ya bara ba Efraime ke Elishama+ mora wa Amihude. 19 Ba ngodisitsweng lebothong la hae ke ba 40 500.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share