LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Numere 4:15
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Ha batho ba hlomolla ditente tsa bona mme ba tloha, Arone le bara ba hae ba kwahele dintho tsa sebaka se halalelang le thepa yohle ya sebaka se halalelang.+ Ha ba qetile, bara ba Kohathe ba tle ba di nke+ empa ba se ke ba thetsa dintho tsa sebaka se halalelang, ho seng jwalo ba tla shwa.+ Boikarabelo* ba bara ba Kohathe ke ho hlokomela dintho tsena tse amanang le tente ya pokano.

  • Numere 4:24-26
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 24 Dintho tsena ke tseo malapa a Bagershone a abetsweng ho di hlokomela le ho di jara:+ 25 Ba jare masela a tente a tabernakele,+ lesela la tente ya pokano, lesela la tente le entsweng ka matlalo a diqibi* le lesela la tente le ka tlasa lona.+ Hape ba jare kgaretene ya monyako wa tente ya pokano,+ 26 masela a lepeletseng a lebala,+ kgaretene ya monyako wa keiti ya lebala+ le potolohileng tabernakele le aletare, dithapo tsa tsona tsa tente le disebediswa tsohle tsa tsona le dintho tsohle tse sebediswang tshebeletsong ya yona. Ona ke mosebetsi wa bona.

  • Numere 4:31-33
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 31 Tsena ke dintho tseo ba lokelang ho di jara+ mabapi le tshebeletso ya bona ya tente ya pokano: Diforeimi+ tsa tabernakele, dipalo tsa yona,+ dipilara+ tsa yona le ditshehetso tsa yona tse sekoti,+ 32 dipilara+ tse potolohileng lebala, ditshehetso tsa tsona tse sekoti,+ ditshepe* tsa tsona tsa tente+ le dithapo tsa tsona tsa tente ha mmoho le disebediswa tsohle tsa tsona le tshebeletso yohle e amanang le dintho tsena. O ba abele disebediswa tseo ba lokelang ho di jara ho ya ka mabitso a bona. 33 Ena ke tsela eo malapa a bara ba Merari+ a tla sebeletsa ka yona tenteng ya pokano. Ithamare mora wa moprista Arone+ e be motsamaisi wa mosebetsi wa bona.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share