22 Ke tla itlhahisa ho wena moo mme ke bue le wena ke le hodima sekwahelo.+ Ke tla o tsebisa dintho tsohle tseo ke tla o laela tsona bakeng sa Baiseraele, ke le pakeng tsa dikerubime tse pedi tse hodima areka ya Bopaki.
36 O tule o mong wa wona hore e be phofo e sitsweng hantle mme o behe o mong wa wona ka pela Bopaki ka tabernakeleng,* moo ke tla itlhahisa ho wena teng. E be o halalelang ka ho fetisisa ho lona.
2 Jehova a re ho Moshe: “Bolella abuti wa hao Arone hore a se ke a tla sebakeng se halalelang+ ka hara kgaretene+ ka pela sekwahelo se Arekeng neng kapa neng ha a batla e le hore a se ke a shwa+ hobane ke tla hlaha hodima sekwahelo+ ka leru.+