-
Levitike 5:11, 12Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
11 Haeba a sa kgone ho fana ka maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi, a tlise dilithara tse ka bang pedi*+ tsa phofo e sitsweng hantle e le nyehelo ya hae ya sebe. A se ke a tshela oli ho yona kapa a beha dibano tse tshweu hodima yona ka ha ke nyehelo ya sebe. 12 A e tlise ho moprista. Moprista a nke phofo e tlalang seatla e emelang nyehelo yohle* mme a etse hore e kubelle aletareng hodima dinyehelo tsa Jehova tse tjheswang ka mollo. Ke nyehelo ya sebe.
-
-
Levitike 6:25, 26Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
25 “Ere ho Arone le bara ba hae, ‘Ona ke molao wa nyehelo ya sebe:+ Nyehelo ya sebe le yona e hlabelwe sebakeng seo nyehelo ya setjheso e hlabelwang ho sona+ ka pela Jehova. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa. 26 Moprista ya e nyehelang bakeng sa sebe a e je.+ E jellwe sebakeng se halalelang lebaleng la tente ya pokano.+
-