-
Levitike 10:12, 13Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
12 Moshe a bua le Arone le Eleazare le Ithamare e leng bara ba Arone ba neng ba setse a re: “Nkang dijo tse setseng nyehelong ya dijo* dinyehelong tse tjhesetswang Jehova mme le di je e le bohobe bo se nang tomoso haufi le aletare+ hobane ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.+ 13 Le di jelle sebakeng se halalelang+ hobane ke kabelo ya lona le ya bara ba lona dinyehelong tse tjhesetswang Jehova ka ha sena ke seo ke se laetsweng.
-