-
Baheberu 9:9, 10Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
9 Tente ena e tshwantshetsa dintho tse etsahalang ka nako ena.+ Ho tla fihlela hona jwale, dimpho le mahlabelo a nyehelwang+ tenteng eo, ha a etse hore motho ya etsang mosebetsi o halalelang a be le letswalo le kgutsitseng.+ 10 Dimpho le dinyehelo tseo di amana feela le dijo, dino le mekgwa e fapaneng ya ho hlwekisa batho le dintho.*+ Melao eo e amana le dintho tse mona lefatsheng+ mme e ile ya sebetsa ho fihlela nako ya ho lokisa dintho e fihla.
-
-
Baheberu 9:13, 14Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
13 Motho ya sa hlwekang o hlaha a hlwekile ho Modimo hobane feela moprista a sebedisa madi a dipodi le a dipoho+ le ho mo fafatsa ka molora wa kgomo ya sethojana* ho mo hlwekisa.+ 14 Madi a Kreste ona a bohlokwa le ho feta+ hobane ka thuso ya moya o halalelang,* o ile a fa Modimo bophelo ba hae e le sehlabelo se phethahetseng. Madi a hae a etsa hore re be le matswalo a kgutsitseng hobane re tlohetse mesebetsi e mebe+ e le hore re ka sebeletsa Modimo ya phelang.+
-