10 “Bua le Baiseraele o re ho bona, ‘Ha le kena naheng eo ke le fang yona mme le se le kotutse dijalo ho yona, le tlise ngata ya ditholwana tsa pele+ tseo le di kotutseng ho moprista.+
8 Jehova a tswela pele ho bua le Arone a re: “Ke o fa boikarabelo ba ho hlokomela menehelo eo ke e etsetswang.+ Ke file wena le bara ba hao karolo ya dintho tsohle tse halalelang tseo Baiseraele ba faneng ka tsona e le kabelo eo le tla dula le e fumana.+
12 Dihlahiswa tsa bona tsa pele tseo ba di fang Jehova tsa oli yohle e ntlehadi,+ veine yohle e ntjha e monate ka ho fetisisa le koro,* ke o fa tsona.+
5 Ha Baiseraele ba utlwa taelo eo, ba fana ka dihlahiswa tsa pele tse ngata e leng koro,* veine e ntjha, oli,+ mahe a dinotshi le dihlahiswa tsohle tsa masimong.+ Ba tlisa karolo ya leshome ya dintho tsohle ka bongata.+