LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 4:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 6 Le e mamele ka hloko+ hobane le tla bontsha hore le bohlale+ ebile le na le kutlwisiso+ ka pela ditjhaba tse tla utlwa melao ena yohle mme di tla re, ‘Ka sebele setjhaba sena se seholo ke setjhaba se bohlale le se nang le kutlwisiso.’+

  • Deuteronoma 8:18
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 le hopole hore ke Jehova Modimo wa lona ya le fang matla a hore le rue+ e le hore a phethe selekane sa hae seo a se hlapanyeditseng baholoholo ba lona jwalo ka ha a etsa kajeno.+

  • Joshua 1:7, 8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 7 O be sebete mme o be matla haholo mme o latele Molao wohle oo mohlanka wa ka Moshe a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha, wa ya ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi+ e le hore o ka etsa dintho ka bohlale hohle moo o yang teng.+ 8 Buka ena ya Molao e se ke ya tloha molomong wa hao.+ O e bale ka lentswe le tlase* bosiu le motshehare e le hore o ka etsa dintho tsohle tse ngotsweng ho yona.+ Ha o etsa jwalo, seo o se etsang se tla atleha mme o tla etsa dintho ka bohlale.+

  • 1 Marena 2:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 O mamele Jehova Modimo wa hao ka hore o tsamaye ditseleng tsa hae, o mamele ditaelo, melao le dikgopotso tsa hae jwalo ka ha di ngotswe Molaong wa Moshe.+ Ha o etsa jwalo, o tla atleha dinthong tsohle tseo o di etsang le hohle moo o yang teng.

  • Pesaleme 103:17, 18
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 Empa Jehova o rata ba mo tshabang+

      Ka lerato le sa feleng

      Le ditloholo tsa bona o tla di tshwara ka tsela e lokileng,+

      18 O etsa jwalo ho ba bolokang selekane sa hae+

      Le ho ba ikemiseditseng ho latela ditaelo tsa hae.

  • Luka 11:28
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 28 Empa Jesu a re: “Tjhe, ho thaba ba mamelang lentswe la Modimo mme ba le boloka.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share