LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Pesaleme 14:1-7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Ya se nang kelello o re ka pelong:

      “Jehova ha a yo.”+

      Ba etsa dintho tse mpe le tse nyonyehang.

      Ha ho na ya etsang dintho tse ntle.+

       2 Empa Jehova o shebile batho a le lehodimong

      Ho bona hore na ho na le ya nang le kutlwisiso kapa ya ntseng a batla Jehova.+

       3 Bohle ba kgelohile.+

      Kaofela ba etsa dintho tse mpe.

      Ha ho na ya etsang dintho tse ntle,

      Ha ho le ya mong.

       4 Ke hobaneng ha batho ba etsang dintho tse mpe ba se na kutlwisiso?

      Ba fedisa setjhaba sa ka ha bonolo jwalo ka ha eka ba ja bohobe.

      Ha ba rapele Jehova.

       5 Empa ba tla tshoha haholo+

      Hobane Jehova o ka lehlakoreng la ba* lokileng.

       6 Lona ba etsang dintho tse mpe, le leka ho sitisa merero ya ya tlasana

      Empa Jehova ke setshabelo sa hae.+

       7 E se eka poloko ya Iseraele e ka tswa Sione.+

      Ha Jehova a kgutlisa batho ba hae botlamuweng,

      Jakobo a ke a thabe, Iseraele a ke a nyakalle.

  • Baroma 3:10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Feela jwalo ka ha ho ngodilwe: “Ha ho motho le ya mong ya lokileng,+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share