LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 22:22-24
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 22 Le se ke la hlorisa mohlolohadi le ha e le ofe kapa kgutsana.*+ 23 Haeba o ka ba hlorisa ebe ba llela ho nna, ke tla utlwa sello sa bona,+ 24 ke tla halefa haholo mme ke tla le bolaya ka sabole. Basadi ba lona e tla ba bahlolohadi mme bana ba lona e tla ba ba se nang bontate.

  • Deuteronoma 10:17, 18
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 Hobane Jehova Modimo wa lona ke Modimo wa medimo+ le Morena wa marena, Modimo e moholo, ya matla, ya hlomphehang, ya sa tshwareng motho le ha e le ofe ka leeme+ le ya sa amoheleng tjotjo. 18 O etsa hore kgutsana* le mohlolohadi+ ba ahlolwe ka toka hape o rata moditjhaba,+ o mo fa dijo le diaparo.

  • Pesaleme 10:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Empa wena o bona mathata le matshwenyeho.

      O a bona ebe o etsa ho hong ka seo.+

      Ya hlaselwang o tla ho wena.+

      O mothusi wa kgutsana.*+

  • Pesaleme 146:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  9 Jehova o sireletsa baditjhaba.

      O hlokomela dikgutsana* le bahlolohadi+

      Empa o senya merero ya ba kgopo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share