-
Jeremia 25:15Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Jehova Modimo wa Iseraele o itse ho nna: “Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo letsohong la ka mme o nwese ditjhaba tsohle tseo ke o romang ho tsona.
-
-
Jeremia 25:28Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
28 Ha ba hana ho nka senwelo letsohong la hao hore ba nwe, o re ho bona: ‘Jehova wa mabotho o re: “Ho nwa le tla nwa.
-
-
Tshenolo 14:9, 10Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
9 Lengeloi le leng la boraro la latela le hweleditse le re: “Haeba mang kapa mang a rapela sebata+ le setshwantsho sa sona ebile a amohela letshwao phatleng ya hae kapa letsohong la hae,+ 10 o tla boela a nwe veine ya Modimo e leng bohale ba hae bo tukang, eo a tla mo tshella yona e sa hlapollwa ka senwelong sa hae sa kgalefo.+ Motho eo o tla hlokofatswa ka mollo le sebabole+ ka pela mangeloi a halalelang le Konyana.
-