-
Deuteronoma 6:21Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
21 O re ho yena, ‘Re bile makgoba a Faro Egepeta empa Jehova a re ntsha Egepeta ka letsoho le matla.
-
-
Deuteronoma 11:18, 19Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
18 Le kenye mantswe ana a ka dipelong tsa lona le dikelellong tsa lona mme le a tlame e le kgopotso matsohong a lona, a be jwalo ka lebanta le rwalwang diphatleng tsa lona.*+ 19 Le a rute bana ba lona mme le bue ka ona ha le dutse ka matlung a lona, ha le tsamaya tseleng, ha le robala le ha le tsoha.+
-
-
Joshua 4:6, 7Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
6 hore e be letshwao hara lona. Haeba bana* ba lona ba ka le botsa nakong e tlang, ba re, ‘Ke hobaneng ha le behile majwe aa moo?’+ 7 Le tla re ho bona: ‘Ke hobane metsi a Jordane a ile a emiswa ka pela areka+ ya selekane sa Jehova. Ha areka e tshela Jordane, metsi a Jordane a ile a emiswa. Majwe ana e tla dula e le sehopotso* ho setjhaba sa Iseraele.’”+
-