27 Ba etsa dipontsho tsa Modimo hara Baegepeta,
Ba etsa le mehlolo ya hae naheng ya Kama.+
28 A romela lefifi mme ha eba hotsho naheng.+
Ba ile ba mamela seo a se buileng.
29 A fetola metsi a bona madi,
A bolaya ditlhapi tsa bona.+
30 Naheng ya bona ha tlala dinqanqane,+
Tsa tlala le ka dikamoreng tsa morena.
31 A romela diboba le menwang
Hore di hlasele dibaka tsohle tsa bona.+
32 A etsa hore pula ya bona e be sefako,
A romela mahadima naheng ya bona.+
33 A senya difate tsa bona tsa morara le tsa difeie,
A roba difate tse naheng ya bona.
34 A laela ditsie hore di hlasele naha,
Ditsie tse nyenyane tse se nang palo.+
35 Tsa ja dimela tsohle tsa naha,
Le dintho tsohle tseo ba di lemmeng.
36 A bolaya matsibolo ohle naheng ya bona+
E leng bana ba bona ba pele.