-
2 Dikronike 36:17-19Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
17 A etsa hore morena wa Bakalde a ba hlasele+ a be a bolaye bahlankana ba bona ka sabole+ ka sehalalelong.+ Ha a ka a qenehela mohlankana kapa morwetsana, ya tsofetseng kapa ya kulang.+ Modimo a etsa hore a fedise dintho tsohle.+ 18 Disebediswa tsohle tsa ntlo ya Modimo wa nnete, tse kgolo le tse nyenyane, matlotlo a ntlo ya Jehova le matlotlo a morena le dikgosana tsa hae, kaofela a di isa Babilona.+ 19 A tjhesa ntlo ya Modimo wa nnete,+ a diha lerako la Jerusalema,+ a tjhesa ditora tsohle tsa yona tse sireletsehileng mme a senya dintho tsohle tsa bohlokwa.+
-