-
Deuteronoma 1:16, 17Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
16 Ka nako eo, ka laela baahlodi ba lona ka re, ‘Ha le mamela taba eo batho ba e tlisang ebang ke pakeng tsa Baiseraele ba babedi kapa pakeng tsa Moiseraele le moditjhaba+ ya dulang le lona, le ahlole ka toka.+ 17 Le se ke la ba leeme* ha le ahlola.+ Le mamele motho ya maemong a tlase jwalo ka ha le mamela ya maemong a hodimo.+ Ho se ke ha eba le motho ya le tshosang+ ka ha kahlolo ke ya Modimo.+ Haeba nyewe e le boima haholo le e tlise ho nna mme ke tla e mamela.’+
-