25 Ha ho utlwahale hore o bolaye batho ba lokileng le ba kgopo jwalo ka ha eka ha ho na phapang pakeng tsa bona.+ Ka nnete ha ho utlwahale hore o etse jwalo+ hobane o Moahlodi wa lefatshe lohle ya ahlolang ka toka.”+
31 hobane o behile letsatsi leo ka lona a tla ahlola+ lefatshe ka toka a sebedisa monna eo a mo kgethileng. O ile a tsosa monna eo bafung mme ka ho etsa jwalo a kgodisa batho bohle hore letsatsi leo le tla fihla.”+
7 Empa mahodimo le lefatshe tse teng hona jwale di boloketswe ho tjheswa ho ya ka yona taelo eo ya Modimo. Di ntse di bolokilwe ho fihlela letsatsing la kahlolo leo ka lona ho tla timetswa batho ba sa rateng Modimo.+