-
Joshua 23:6, 7Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
6 Jwale le be sebete haholo mme le boloke le ho etsa dintho tsohle tse ngotsweng bukeng ya Molao+ wa Moshe ka hore le ka mohla le se ke la o kgeloha ho ya ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi+ 7 mme le se ke la itswakanya le ditjhaba tsena+ tse setseng le lona. Le se ke la bua le ka mabitso a medimo ya tsona+ kapa la hlapanya ka yona hape le ka mohla le se ke la e sebeletsa kapa la e inamela.+
-