-
Numere 25:11-13Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
11 “Finease+ mora wa Eleazare mora wa moprista Arone o entse hore ke se ke ka hlola ke halefela Baiseraele hobane ho hang ha a ka a ba tlohela ha ba ne ba sa ntshepahalle.+ Ke ka lebaka leo ke sa fedisang Baiseraele le hoja ke batla hore batho ba inehele ho nna feela.+ 12 Ka hoo, mo bolelle hore ke etsa selekane* sa kgotso le yena. 13 Ka lebaka la selekane seo, yena le ditloholo tsa hae e tla dula e le baprista+ hobane ha a ka a dumella hore modimo e mong a nkele Modimo wa hae sebaka+ mme o ile a etsa hore setjhaba sa Iseraele se tshwarelwe dibe.”
-