LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 15:7, 8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 7 Haeba e mong wa bana ba bo lona a futsaneha ho o mong wa metse ya lona naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona kapa la tima ngwanabo lona wa mofutsana.+ 8 Le fane+ mme le mo adime eng kapa eng eo a e hlokang kapa eo a se nang yona.

  • Pesaleme 41:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 41 Ho thaba mang kapa mang ya nahanelang motho ya boemong bo tlase.+

      Jehova o tla mo pholosa nakong ya mahlomola.

  • Diproverbia 19:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 Ya hauhelang mofutsana o adima Jehova+

      Mme O tla mo putsa* ka lebaka la seo a se entseng.+

  • Luka 6:34, 35
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 34 Hape ho na le thuso efe haeba le adima* feela bao le nahanang hore ba tla le patala?+ Le baetsadibe ba adima baetsadibe ba bang hobane ba nahana hore ba tla patala sohle seo ba se kolotang. 35 Empa lona le nne le rate dira tsa lona, le etse dintho tse lokileng le be le adime batho le sa lebella hore ba le patale.+ Moputso wa lona o tla ba moholo mme le tla ba bara ba Modimo Ya Phahameng ka ho Fetisisa hobane o mosa ho ba se nang teboho le ba sa lokang.+

  • Diketso 20:35
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 35 Ke le bontshitse ka diketso tsa ka nthong e nngwe le e nngwe hore na le lokela ho etsang+ e le hore le thuse batho ba hlokang thuso. Hape le hopole mantswe a Morena Jesu ha a re: ‘Ho fana ho thabisa haholo+ ho feta ho fuwa.’”

  • Baheberu 13:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Le se ke la lebala ho etsa dintho tse molemo le ho arolela ba bang dintho tseo le nang le tsona+ hobane Modimo o thabiswa ke mahlabelo a jwalo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share