LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 17:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 6 Ke tla be ke eme ka pela hao moo lefikeng la Horebe. O otle lefika mme metsi a tla tswa ho lona e le hore setjhaba se nwe.”+ Moshe a etsa jwalo moo baholo ba Iseraele ba ntseng ba bona.

  • Numere 20:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Moshe a phahamisa letsoho a otla lefika habedi ka molamu wa hae. Metsi a tswa a le mangata yaba setjhaba se nwa metsi le diphoofolo tsa sona.+

  • Deuteronoma 8:14, 15
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 le se ke la dumella dipelo tsa lona ho ikgohomosa+ yaba le lebala Jehova Modimo wa lona ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ka tlung ya bokgoba,+ 15 ya le tsamaisitseng lefeelleng+ le leholo le le tshabehang le nang le dinoha tse tjhefo, diphepheng le mobu o omelletseng o se nang metsi. O ile a etsa hore metsi a phalle lefikeng le thata.+

  • Pesaleme 107:35
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 35 O fetola lehwatata hore e be matamo a nang le lehlaka,

      Le naha e ommeng o e fetola didiba tsa metsi.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share