LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 1 Samuele 23:26-28
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 26 Ha Saule a tla ka lehlakoreng le leng la thaba, Davida le banna ba hae ba ne ba le ka lehlakoreng le leng la thaba. Davida o ne a potlaka hore a balehe+ Saule empa Saule le banna ba hae ba ne ba ntse ba atamela Davida le banna ba hae hore ba ba tshware.+ 27 Empa moromuwa a tla ho Saule a re: “Tloo kapele hobane Bafilista ba hlasetse naha!” 28 Yaba Saule o tlohela ho lelekisa Davida,+ a tloha a yo lwantsha Bafilista. Ke ka lebaka leo sebaka seo se ileng sa bitswa Lefika la Dikarohano.

  • 2 Samuele 17:21, 22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 Ka mora hore banna bao ba tsamaye, Akimaze le Jonathane ba tswa ka sedibeng yaba ba yo bolella Morena Davida. Ba re ho yena: “Ema mme o tshele noka kapele.” Yaba ba mo bolella leano la Akitofele.+ 22 Hanghang Davida le batho bohle ba neng ba ena le yena ba ema mme ba tshela Jordane. Ha letsatsi le tjhaba, batho bohle ba ne ba se ba tshetse Jordane.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share