-
Pesaleme 30:5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
Le ha ho ka ba le sello mantsiboya, hoseng ho ba le thabo.+
-
-
Esaia 61:1-3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
61 Moya wa Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o hodima ka+
Hobane Jehova o nkgethetse* hore ke bolelle ba bonolo+ ditaba tse monate.
O nthometse hore ke tlamise dipelo tsa ba utlwileng bohloko,
Ke phatlalatse tokoloho ho batshwaruwa
Le ho tutubolla mahlo a batshwaruwa,+
2 Ho phatlalatsa selemo sa Jehova sa mohau*
Le letsatsi la phetetso la Modimo wa rona,+
Ho tshedisa bohle ba utlwileng bohloko,+
3 Ho hlokomela ba utlwileng bohloko ka lebaka la Sione,
Ho ba fa tuku ho ena le molora,
Ho ba fa oli hore ba thabe ho ena le ho utlwa bohloko,
Ho ba fa seaparo hore ba nthorise ho ena le ho wa moya.
-