-
Jeremia 33:20, 21Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
20 “Nna Jehova ke re: ‘Haeba le ka senya selekane seo ke se entseng le letsatsi kapa selekane seo ke se entseng le bosiu, la etsa hore bosiu le motshehare di se hlole di eba teng ka nako ya tsona,+ 21 ke mohla selekane sa ka le mohlanka wa ka Davida se ka felang+ yaba ha a be le mora ya busang e le morena teroneng ya hae.+ Hape ke mohla selekane sa ka le baprista ba Balevi e leng basebeletsi ba ka se ka felang.+
-
-
Diketso 13:22, 23Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
22 Ka mora ho mo tlosa, a kgetha Davida hore e be morena wa bona.+ Modimo o ile a re ka yena: ‘Ke fumane Davida mora wa Jese,+ monna ya nkgahlisang.+ O tla etsa dintho tsohle tseo ke di ratang.’ 23 Modimo o ile a ba hlahisetsa Jesu e le mopholosi ho tswa ditloholong* tsa hae jwalo ka ha a ne a tshepisitse.+
-