-
2 Samuele 7:8, 9Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
8 Ere ho mohlanka wa ka Davida, ‘Jehova wa mabotho o re: “Ke o nkile naheng moo o neng o disa mohlape,+ ka o etsa moetapele wa setjhaba sa ka sa Iseraele.+ 9 Ke tla ba le wena kae kapa kae moo o yang teng+ mme ke fedise dira tsohle tsa hao.+ Ke tla etsa hore lebitso la hao le tsebahale+ le be jwalo ka mabitso a batho ba tummeng lefatsheng.
-