-
Deuteronoma 7:7, 8Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 Ha se hobane le le bangata ho feta ditjhaba tsohle Jehova a ileng a le rata mme a le kgetha+ ka ha le ne le le setjhaba se senyenyane hara ditjhaba tsohle.+ 8 Ho ena le hoo, Jehova o ile a le ntsha ka letsoho le matla e le hore a le lopolle ntlong ya bokgoba,+ matleng* a Faro morena wa Egepeta hobane Jehova a le rata hape a phethile kano ya hae eo a e hlapanyeditseng baholoholo ba lona.+
-